bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
1 Kings 17
1 Kings 17
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 16
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 18 →
1
Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”
2
Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:
3
“Tsamaya, o lebe nqa botjhabela, o yo ipata pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.
4
O tla nwa metsi a molatswana oo, mme ke se ke laetse makgwaba hore a o fepe.”
5
Elia a tsamaya, a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a ya dula pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.
6
Hoseng le mantsiboya makgwaba a ne a ye a mo tlisetse bohobe le nama, mme Elia o ne a enwa metsi a molatswana oo.
7
Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.
8
Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:
9
“Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”
10
Yaba Elia o a tsamaya, o ya Sarepeta. Eitse ha a fihla kgorong ya motse oo, a fumana mosadi wa mohlolohadi a ntse a rwalla patsi. Elia a howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlele le metsinyana ka mohope, ke tlo nwa.”
11
Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.”
12
Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”
13
Yaba Elia o re ho mosadi eo: “O se ke wa tshaba; tsamaya o yo etsa kamoo o boletseng kateng, empa pele ho tsohle, nketsetse moqathane, o o tlise kwano, ebe jwale o etsetsa wena le moshanyana wa hao.
14
Morena Modimo wa Iseraele, o re: Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng. ”
15
Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile.
16
Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.
17
Kamorao ho tsena, mosadi eo wa mohlolohadi, e leng monga lelapa, a kulelwa ke moshanyana eo wa hae, hoo moshanyana eo a bileng a shwa.
18
Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
19
Elia a re ho yena: “Mo tlise kwano!” Elia a nka setopo sefubeng sa mosadi, a se isa ka kamoreng e kahodimo, moo yena Elia a neng a dula teng, a fihla a se bea hodima bethe ya hae.
20
Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”
21
A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.”
22
Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela.
23
Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”
24
Mosadi a re ho Elia: “Ka ketso ena, ke a tseba jwale hore o moporofeta wa Modimo, le hore seo Modimo a se bolelang ka molomo wa hae ke nnete.”
← Chapter 16
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 18 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22