bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
3 John 1
3 John 1
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
Jump to:
Chapter 1
1
Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete.
2
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.
3
Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng.
4
Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.
5
Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi.
6
Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo.
7
Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene.
8
Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona.
9
Ke se ke ngoletse phutheho lengolo, empa Dioterefese, ya ratang ditulo tse kapele, ha a re amohele.
10
Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong.
11
Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.
12
Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.
13
Ke ne ke sa na le tse ngata tseo nka o bolellang tsona, empa ha ke rate ho o ngolla tsona;
14
feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane.
15
Kgotso e ke e be le wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Le wena dumedisa metswalle ka mabitso.
Jump to:
Chapter 1
All chapters:
1