bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Luke 17
Luke 17
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 16
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 18 →
1
Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.
2
Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.
3
Itlhokomeleng! “Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele.
4
Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: Ke bakile, o mo tshwarele.”
5
Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”
6
Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: Iphothole, o itlhome lewatleng, mme se ne se ka le mamela.
7
“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: Tloo kapele, o dule, o je?
8
Na a ke ke a mpa a re ho yena: Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?
9
Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na?
10
Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa. ”
11
Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea.
12
Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana,
13
ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!”
14
Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.
15
Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng,
16
a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.
17
Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae?
18
Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”
19
Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”
20
Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;
21
hape ho ke be ha thwe: Bonang, o mona, kapa o mane! Mmuso wa Modimo o hara lona.”
22
A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.
23
Ba tla re ho lona: Bonang, o mane! kapa: Bonang, o mona! Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.
24
Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.
25
Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.
26
“Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:
27
batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.
28
“Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha.
29
Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.
30
“Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona.
31
Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae.
32
Hopolang mosadi wa Lota.
33
Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.
34
Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe;
35
basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe.
36
Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.”
37
Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”
← Chapter 16
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 18 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24