bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Philemon 1
Philemon 1
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
Jump to:
Chapter 1
1
Nna Paulosi, mothswaruwa ka baka la Kreste Jesu, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa Filemone, moratuwa eo re sebetsang mmoho le yena,
2
le Afia kgaitsedi ya rona, le Arekipose eo re leng bahlabani mmoho le yena, le kereke e phuthehelang ha Filemone, re re:
3
Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
4
Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo,
5
hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.
6
Thapelo ya ka ke hore tumelo eo o nang le kabelo ho yona e sebeletse, e tle e tswale kutlwisiso ya tsohle tse molemo tseo re nang le tsona ho Kreste.
7
Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng.
8
Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang,
9
empa ka baka la lerato ke a o rapela, ke le Paulosi wa leqheku, eo kajeno e bileng e leng motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu.
10
Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;
11
yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi.
12
Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.
13
Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.
14
Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.
15
Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla.
16
Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!
17
Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela.
18
Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna.
19
Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao.
20
E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste.
21
Ke o ngolla le kgodisehile hore o tla mmamela, o be o etse se fetang le seo ke se kopang.
22
Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.
23
Epafarase, eo re leng ditlamong le yena ka baka la Kreste, o a dumedisa.
24
Le bo-Mareka, le Arisetarekose, le Demase, le Luka, bao re sebetsang mmoho le bona, ba a o dumedisa.
25
Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.
Jump to:
Chapter 1
All chapters:
1