bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Numbers 34
Numbers 34
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 33
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 35 →
1
Morena a bua ho Moshe, a re:
2
“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.
3
“ Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng.
4
Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.
5
Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle.
6
“ Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela.
7
“ Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore;
8
ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.
9
Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya.
10
“ Ka botjhabela le tla seha moedi wa lona ho tloha Hasere-Enane ho ya fihla Shefame.
11
Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.
12
Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng. ”
13
Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
14
Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona.
15
Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”
16
Morena a bua ho Moshe, a re:
17
“Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune.
18
Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa.
19
Ana ke mabitso a banna bao: “Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune;
20
morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude;
21
morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone;
22
morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele.
23
Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode.
24
Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane;
25
morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake;
26
morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane;
27
morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi;
28
morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.”
29
Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana.
← Chapter 33
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 35 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36