bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Numbers 36
Numbers 36
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 35
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
1
Baholo ba malapa a bana ba Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba malapa a bara ba Josefa, ba atamela, ba bua ba le kapele ho Moshe, le kapele ho mahosana ao e leng baholo ba malapa a bana ba Iseraele,
2
ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae.
3
Haeba baradi bana ba ka nyalwa ke ba bang ba merabe e meng ya bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ntshwa lefeng la bo-ntata rona, le yo eketsa lefa la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo le tla ntshwa lefeng leo re le abetsweng ka lotho.
4
Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.”
5
Moshe a laela bana ba Iseraele ho ya ka taelo ya Morena, a re: “Morabe wa bara ba Josefa o buile ka nepo.
6
Sena ke seo Morena a se laetseng malebana le baradi ba Selofehade, a re: Ba ka inyallwa ke bao ba ba ratang, empa leha ho le jwalo ba nyalwe malapeng a morabe wa ntata bona.
7
Lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, hobane e mong le e mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la morabe wa bo-ntatae.
8
Moradi e mong le e mong, eo e leng mojalefa morabeng ofe kapa ofe wa bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke e mong wa lelapa la morabe wa ntatae, e le hore e mong le e mong wa bana ba Iseraele a nne a je lefa la bo-ntatae.
9
Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona. ”
10
Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng.
11
Bo-Mahela, le Tiresa, le Hogela, le Mileka, le Nowa, ba ile ba nyalwa ke bara ba bana ba bo-ntata bona.
12
Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.
13
Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
← Chapter 35
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36