bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Deuteronomy 19
Deuteronomy 19
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 18
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 20 →
1
“Ha Morena Modimo wa hao, a timetsa ditjhaba tseo a le neang naha ya tsona, le tla hapa naha eo ya tsona, le ahe metseng ya tsona le matlung a tsona.
2
Le tla ikgethela metse e meraro naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.
3
Le lokise ditsela tse yang metseng eo, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona, le e arole dikarolo tse tharo, e be moo mmolai e mong le e mong a tla tshabela teng.
4
“Mmolai ya tla tshabela moo, hore a ipholose, ke ya tjena: ke ya bolayang e mong e se ka morero, mme eo e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng.
5
Mohlala ke ona: haeba a eya morung le ngwanabo ho ya rema difate; ere ha a phahamisa selepe ho rema sefate, selepe seo se pshemohe mofenng, se rathe ngwanabo, ebe o a shwa, eo ke yena ya tla tshabela ho o mong wa metse ena, hore a pholohe.
6
Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa.
7
Ka baka leo, ke le laela hore le ikgethele metse e meraro.
8
“Haeba Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya naha ya lona, jwalokaha a ile a hlapanyetsa bo-ntata lona, mme a le nea naha yohle eo a ileng a tshepisa hore o tla e nea bo-ntata lona;
9
haeba le boloka melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le e phetha; le rata Morena Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kamehla, teng he, le tla eketsa metse e meng e meraro hodima ena e meraro.
10
Ho se be madi a se nang molato a tla tshollwa naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona; esere la jara molato wa ho tsholla madi.
11
“Empa haeba motho e le sera sa motho e mong, a lalla motho eo, a mo tsohela matla, a mmolaya, eba o tshabela ho o mong wa metse ena;
12
baholo ba motse wa habo ba tla romela batho ho mo lata moo, ba mo nee mophetetsi wa madi a tsholotsweng hore a mmolaye.
13
O se ke wa mo tadima ka mohau, o mpe o hlakole sekgobo sa madi a se nang molato, a tsholotsweng naheng ya Iseraele, e le hore le tle le atlehe.
14
“O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao.
15
“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.
16
“Ha paki ya leshano e hlaha, e qosa motho ka hore o tlotse molao;
17
bana ba babedi, ba qosanang, ba tla ema kapele ho Morena, le kapele ho baprista le baahlodi bao e leng bona nakong eo.
18
Baahlodi ba tla hlahlobisisa taba eo ka hloko, mme haeba paki e le ya leshano, e qositse ngwanabo yona ka leshano;
19
wena o tla e etsa seo e neng e hopotse ho se etsa ho ngwanabo yona, ebe o fedisa bokgopo bona hara lona.
20
Ba bang ba tla utlwa, ba tshabe, mme ha ba sa tla etsa bokgopo bo kang bona hara lona.
21
O se ke wa ba mohau; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.
← Chapter 18
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 20 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
Recommended Reading
Commentary
Deuteronomy Commentaries
→
Devotional
Deuteronomy Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→