bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Deuteronomy 9
Deuteronomy 9
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 8
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 10 →
1
“Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.
2
Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?
3
Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.
4
“Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka. Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.
5
Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo.
6
“Ka baka lena he, tsebang hore Morena Modimo wa lona, ha a le nee naha ena e ntle ka baka la ho loka ha lona, hobane le setjhaba se manganga.
7
“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.
8
Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa,
9
ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.
10
Morena a nnea matlapa a mabedi a ngotsweng ke monwana wa Modimo. Hodima wona ho ne ho ngotswe mantswe wohle ao Morena a neng a a bue ho lona, hodima thaba, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile.
11
Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, Morena a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane.
12
“Morena a re ho nna: Ema, o tlohe mona, o theohe kapele, hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, se entse bobe. Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng ho tsamaya ka yona. Se se se ipopetse modimo ka kgauta.
13
“Yaba Morena o re ho nna: Ke bone setjhaba sena; bona, ke setjhaba se manganga!
14
Ntlohelle ke se timetse, ke hlakole lebitso la sona katlasa lehodimo. Wena ke tla o etsa setjhaba se matla, se seholo ho feta sena.
15
“Ka tsamaya, ka theoha thabeng e neng e ntse e tuka mollo, ke nkile matlapa a mabedi a selekane.
16
Ka tadima, ka bona hore le sitetswe Morena Modimo wa lona, le ipopetse namane ka kgauta, mme ka potlako le kgelohile tsela eo Morena a le laetseng yona.
17
Ka baka lena ke ile ka nka matlapa a mabedi, ka a ptjatlanya fatshe, ka a pshatla moo le ntseng le bona.
18
“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.
19
Ke ne ke tshaba bohale ba Morena, le kgalefo eo a neng a le halefetse ka yona, hoo a neng a rata ho le timetsa. Empa le mohlang oo Morena a mmamela.
20
Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona.
21
Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng.
22
“Hape ha le le Tabera, le Masa, le Kiborote-Hatafa, le teng le ne le halefise Morena.
23
“Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona. Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.
24
Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.
25
“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena, ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, hobane Morena o ne a re o a le timetsa.
26
Ka rapela Morena, ka re: Oho, Morena Modimo, se ke wa timetsa setjhaba sa hao, seo e leng lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, wa se ntsha Egepeta ka letsoho la hao le matla.
27
Hopola bahlanka ba hao bo-Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Se ke wa natsa manganga a sona, kapa bokgopo ba sona, kapa sebe sa sona;
28
esere baahi ba naha eo o se ntshitseng ho yona ba re: Kahobane Morena a sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyeditse yona, kapa kahobane a se hloile, o ile a se ntsha Egepeta ho tla se bolaela lehwatateng mona.
29
Empa ke setjhaba sa hao le lefa la hao; ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng.
← Chapter 8
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 10 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
Recommended Reading
Commentary
Deuteronomy Commentaries
→
Devotional
Deuteronomy Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→