bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Deuteronomy 20
Deuteronomy 20
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 19
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 21 →
1
“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.
2
“Ha le le lekgatheng la ho lwana, moprista o tla atamela, a bue le bahlabani,
3
a re ho bona: Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.
4
Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.
5
“Jwale baokamedi ba tla bua le bahlabani, ba re: Na ho na le monna ya hahileng ntlo e ntjha, eo a eso e kgakole? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ya kgakolwa ke monna e mong.
6
Na ho na le monna ya lemileng tshimo ya morara, ya eso je ditholwana tsa yona? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ditholwana tsa yona tsa jewa ke monna e mong.
7
Na ho na le monna ya lebeleditseng morwetsana, ya eso mo nyale? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme morwetsana eo a nyalwa ke monna e mong.
8
Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.
9
“Ha baokamedi ba qetile ho bua le bahlabani, ba tla kgetha balaodi ba mabotho ho a etella pele.
10
“Ha le atamela motse oo le o futuhelang, le o tsebise dipallo tseo ho ka etswang kgotso ka tsona.
11
Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa.
12
Empa haeba motse oo o sa amohele dipallo tseo tsa kgotso, o le lwantsha, le tla o etsetsa thibella.
13
Ha Morena Modimo wa lona, a le neela motse oo matsohong, le bolaye e mong le e mong e motona ka sabole.
14
Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.
15
“Le tla etsa jwalo ho metse yohle e hole le lona, eo e seng ya ditjhaba tsena.
16
Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.
17
Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, jwalokaha Morena a le laetse;
18
esere ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, ao ba a etseditseng medimo ya bona, mme yaba le sitelwa Morena Modimo wa lona.
19
“Ha le etseditse motse thibella ka nako e telele, le o lwantsha hore le o hape, le se ke la senya difate tsa wona ka ho di rema ka selepe. Le ka nna la ja ditholwana tsa tsona, empa le se ke la di rema, hobane na sefate sa naha ke motho, hoo le ka se etsetsang thibella le sona?
20
Ke difate feela tseo le tsebang hore hase difate tse ka jewang, tseo le ka di senyang, mme la di rema; ebe le haha metero ya ho thibella motse oo le lwanang le wona, ho fihlela o ineela.
← Chapter 19
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 21 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
Recommended Reading
Commentary
Deuteronomy Commentaries
→
Devotional
Deuteronomy Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→