bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Genesis 27
Genesis 27
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 26
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 28 →
1
Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”
2
Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona.
3
Ako nke dibetsa tsa hao hle, le sehlajwa sa hao, le seqha sa hao, o ye naheng, o eo ntsomela phoofolo.
4
Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.”
5
Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise.
6
Rebeka a bua le mora wa hae Jakobo, a re: “Ke utlwile ntatao a bua le moholwane wa ha Esau, a re:
7
Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe.
8
Jwale, ngwana ka, mamela kamoo ke o laelang kateng.
9
Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang.
10
O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.”
11
Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete.
12
Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.”
13
Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.”
14
Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang.
15
Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.
16
Yaba o thata matsoho a hae, le molala wa hae o lehwete, ka matlalo a dipotsanyane.
17
Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong.
18
Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”
19
Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.”
20
Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?” Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.”
21
Yaba Isaka o re ho Jakobo: “Ako atamele hle, ke o phopholetse ngwana ka ke utlwe hore na efela e le wena mora wa ka Esau, kapa tjhe.”
22
Jwale Jakobo a atamela ho ntatae Isaka; yena a mo phopholetsa, mme a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.”
23
A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa.
24
A re: “Na o fela o le mora wa ka Esau?” Jakobo a arabela, a re: “Ke yena!”
25
Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.” Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.
26
Jwale ntatae Isaka a re ho yena: “Atamela jwale, ngwana ka o nkake.”
27
Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng!
28
Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine.
29
Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”
30
Eitse hoba Isaka a qete ho hlohonolofatsa Jakobo, mme a eso be le motsotswana Jakobo a tswile ka ho ntatae Isaka, moholwane wa hae Esau a fihla ho tswa tsoma.
31
Le yena a pheha nama e hlabosang, mme a e tlisetsa ntatae. Yaba o re ho ntatae: “Ntate, ako tsohe, mme o je nama ya tse tsomilweng ke mora wa hao, o tle ntlhohonolofatse.”
32
Ntatae Isaka a re ho yena: “O mang?” A arabela, a re: “Ke nna mora wa hao, matsibolo a hao, Esau.”
33
Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”
34
Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!”
35
Empa ntatae a re: “Moena wa hao a tlile ka bolotsana, mme o nkile mahlohonolo a hao!”
36
Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”
37
Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”
38
Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.
39
Yaba ntatae Isaka o a arabela, o re ho yena: “Bona, leaho la hao le tla ba hole le monono wa lefatshe, le be hole le phoka ya lehodimo e tswang hodimo.
40
O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”
41
Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”
42
Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya.
43
Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane.
44
O hlole le yena ditshiu di se kae, ho fihlela kgalefo ya moholwane wa hao e kokobela.
45
Ha kgalefo ya moholwane wa hao e se e kokobetse, mme a lebetse seo o mo entseng sona, nna ke tla romela motho ho o lata teng. Hobaneng nka shwellwa ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?”
46
Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”
← Chapter 26
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 28 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50