bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Genesis 30
Genesis 30
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 29
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 31 →
1
Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
2
Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”
3
Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.”
4
Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.
5
Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora.
6
Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.
7
Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
8
Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.
9
Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.
10
Jwale Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora.
11
Lea a re: “Hona ke lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Gade.
12
Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
13
Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.
14
Ka nako eo ho kotulwang koro ka yona, Rubene a fumana ditholwana tsa moratiso masimong, mme a di tlisetsa mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ako mphe hle, tse ding tsa ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
15
Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?” Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
16
Mantsiboya, ha Jakobo a kgutla masimong, Lea a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho yena: “O tshwanetse ho tla robala le nna bosiung bona, hobane ke o rekile ka ditholwana tsa moratiso, tsa mora wa ka.” Yaba o robala le yena bosiung boo.
17
Modimo a mamela Lea, ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bohlano.
18
Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka, hobane ke ile ka nea monna wa ka lekgabunyane la ka.” A mo rea lebitso la Isakare.
19
Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela.
20
Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone.
21
Kamora mona a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.
22
Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari.
23
Ragele ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Modimo o tlositse sekgobo sa ka.”
24
A rea mora enwa lebitso la Josefa, a re: “Morena a ke a nkekeletse mora e mong!”
25
Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso.
26
Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”
27
Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”
28
A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.”
29
Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng.
30
Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
31
Labane a re: “Ke o nee eng?” Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe.
32
Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka.
33
Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”
34
Yaba Labane o re: “Ke hantle! Ha ho be jwalokaha o bolela.”
35
Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo.
36
Tsa kgannwa ho iswa sebakeng se lekanang le leeto la matsatsi a mararo, ho tloha moo yena le Jakobo ba neng ba le hona teng, mme Jakobo a disa mehlape ya Labane e setseng.
37
Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.
38
A bea dithutswana tseo a di ebotseng kapele ho mehlape ka dinwellong tsa metsi, moo mehlape e palesitseng e nwelang teng.
39
Mehlape ya emara ha e le pela dithutswana, ya tswala tse mebalabala: tse rolo, le tse pudutswana, le tse tshasana, le tse thoboshana.
40
Jakobo a kgetha dikonyana, empa a etsa hore diphatla tsa mohlape wa Labane, wa tse ntsho, di tadimane le mohlape wa tse tshasana. Yaba o kgethela mohlape wa hae kathoko, a se ke a o kopanya le mohlape wa Labane.
41
Jakobo o ne a ye nehele ha mohlape o kgotshe, a bee dithutswana kapele ho mohlape, ka dinwellong, hore di tle di emare di le kapele ho dithutswana.
42
Empa ha mehlape e fokotse, o ne a sa bee dithutswana, mme tse tswalwang di fokotse e ne e eba tsa Labane, athe tse matlafetseng e ne e eba tsa Jakobo.
43
Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.
← Chapter 29
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 31 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50