bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Genesis 38
Genesis 38
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 37
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 39 →
1
Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira.
2
Teng Juda a bona moradi wa Mokanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, mme a kena dikobong tsa hae.
3
Mosadi eo a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere.
4
A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.
5
A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.
6
Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare.
7
Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.
8
Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.”
9
Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana.
10
Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:
11
“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.
12
Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.
13
Ha Tamare a bolellwa, ho thwe: “Matsala hao o nyolohela Timina ho ya kuta dinku tsa hae,”
14
a hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikgurumetsa ka lesira, a ithatela ka lona, mme a dula kgorong ya Enaime, e tseleng e yang Timina. Tamare o ne a se a bone hore Shela o hodile, empa o ne a eso mo newe hore e be mosadi wa hae.
15
Ha Juda a mmona, a hopola hore ke seotswa, hobane o ne a ikgurumeditse sefahleho.
16
A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”
17
A re: “Ke tla o romella potsanyane e tswang mohlapeng wa ka.” Yaba Tamare o re: “Na o tla bea dintho paneng ho fihlela o e romela?”
18
Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?” Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa.
19
Jwale Tamare a ema, a itsamaela, a tlosa lesira la hae, mme a boela a apara diaparo tsa hae tsa bohlolohadi.
20
Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo.
21
A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?” Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.”
22
Yaba o kgutlela ho Juda, o re: “Ha ke a se fumana!”
23
Juda a re: “Seotswa seo se ka ipolokela dintho tseo e le tsa sona, esere ra tshehwa. O a bona, ke rometse potsanyane ena, empa ha o a ka wa fumana seotswa seo.”
24
Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”
25
Yare ha Tamare a tliswa, a romela molaetsa ho matsala hae, a re: “Ke emarisitswe ke mong a dintho tsena.” A re: “Ke a o botsa hle, dintho tsee ke tsa mang: Setempe sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu?”
26
Juda a di tseba, mme a re: “O lokile ho mpheta, hobane ha ke a ka ka mo nea mora wa ka Shela.” A se ke a hlola a robala le yena hape.
27
Ha nako ya hae ya ho kena tlung e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae.
28
Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.”
29
Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese.
30
Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera.
← Chapter 37
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 43
Chapter 44
Chapter 45
Chapter 46
Chapter 47
Chapter 48
Chapter 49
Chapter 50
Chapter 39 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
43
44
45
46
47
48
49
50