bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Job 10
Job 10
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 9
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 11 →
1
“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.
2
Ke tla re ho Modimo: Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
3
O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?
4
Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona?
5
Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho?
6
Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka?
7
Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.
8
“ Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena!
9
Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?
10
Na ha o a nqhatsa jwalokaha ho qhatswa lebese, wa mphehla jwalokaha leokwana le fehlwa?
11
Wa nkapesa ka letlalo le ka dinama, wa ntlamahanya ka masapo le ka mesifa?
12
O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka.
13
“ Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao:
14
Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
15
Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi.
16
Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso.
17
O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo.
18
“ Ke hobaneng o entseng hore ke tswalwe? Eka nkabe ke shwele ke eso bonwe ke motho!
19
Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa, kapa ka iswa lebitleng ha ke qeta ho tswalwa!
20
Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae,
21
ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho;
22
fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi! ”
← Chapter 9
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 11 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
Recommended Reading
Commentary
Job Commentaries
→
Devotional
Job Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→