bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Job 6
Job 6
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 5
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 7 →
1
Empa Jobo a araba, a re:
2
“Ao! hoja ho komakoma ha ka ho ka lekanngwa, tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng,
3
di ne di tla feta hlabathe la lewatle ka boima; ke ka hona ke ileng ka phatloha feela.
4
Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!
5
Na tonki e ka lla kgulo le le lengata? kapa pholo ya bohla e ntse e fula?
6
Dijo tse bosula di ka jewa ho se letswai? Na mothwebe o mosweu wona o a latsweha?
7
Dijo tse jwalo ha ke di lakatse, di tshwana le tse nqhuqhumisang mala!
8
“Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang;
9
Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.
10
Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa.
11
“Ke sa na le matla afe, a ho nnea letshepa? Ke tla fella kae, ha ke qenehetse ho phela?
12
Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose?
13
Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.”
14
“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
15
Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta,
16
e ba maduke ke qhoqhwaane ho qhibidiha, e patehe ke lehlwa ho kgetheha.
17
Ha motjheso o fihla e a nyamela, ha tsatsi le ema a pshele ruri.
18
Baeti ba kgeloha tsela, ba batla metsi, ba ye lehwatateng, ba be ba timele.
19
Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa;
20
ba tsielehile, leha ba ne ba tshepile, ba fihlile teng, jwale ba swabile.
21
Ho nna, le lona le ka melatswana eo: Le a bona ke wele ka phatla, lona le a ntshabella!
22
Na nkile ka re: Mpheng hona le hane? Kapa Ntefelleng ka maruo a lona?
23
Kapa: Nnamoleleng matsohong a dira tsa ka? Mpholoseng ho ba matla ho mpheta?
24
“Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.
25
Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
26
Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?
27
Le kgutsanyana kgudu! le ka e rekisa, la tjhekela motswalle wa lona lemena.
28
“Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa.
29
Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.
30
Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo?
← Chapter 5
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 7 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42