bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Job 28
Job 28
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 27
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 29 →
1
“Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona;
2
tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla.
3
Motho o kenella hare mpeng ya lefatshe, a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole, a etse merafo hara lefifi le letsholetsho.
4
O tjheka tjhafo hole le leaho la batho, bakeng tseo leoto le eso hate ho tsona; a leketle marapong a le hole le batho, a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.
5
Dijo di mela kahodima lefatshe, katlase le fuduuwa jwalokaha ho fuduuwa mollo.
6
Majwe a lona a bopeletswe le disafire, a bile a na le mereto ya kgauta.
7
Tsela ya teng ha e tsejwe le ke letlaka, esita le phakwe ha e eso ka e e bona.
8
Batana tsa naha ha di eso tsamaye ho yona, esita le tau ha e eso fete le moo.
9
“Lejwe la moremaphofu motho o a le thuaka, thaba a di fure metheong ya tsona.
10
Hara mafika a phunyake mesele, mahlo a hae a bone tsa bohlokwa di le mefuta.
11
Metsi a rothelang ka merafong o a a thibela, tse patehileng a di bee mmananeng, di bonwe ke bohle.”
12
“Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae?
13
Bohlale ha bo fumanwe fatsheng la ba phelang, ha ho ya utlwisisang bohlokwa ba bona.
14
Bodiba bo re: Ka ho nna bohlale ha bo yo! Lewatle le re: Le ho nna bohlale ha bo yo!
15
Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.
16
Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.
17
Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.
18
Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.
19
Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.”
20
“Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae?
21
Bo patetswe dibopuwa tsohle, bo patetswe le tsona nonyana tse fofang.
22
Timelo le lefu le tsona di re: Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela.
23
“Ke Modimo feela ya tsebang tsela ya bona, ke yena feela ya tsebang habo bohlale,
24
hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.
25
Ha Modimo a nea moya matla a wona, le mawatle a a sehela moedi;
26
ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,
27
o ila bona bohlale, a bo hlahloba, a bo leka, a bo ananela.
28
“Yaba o re ho motho: Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso. ”
← Chapter 27
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 29 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
Recommended Reading
Commentary
Job Commentaries
→
Devotional
Job Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→