bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Job 12
Job 12
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 11
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 13 →
1
Jwale Jobo a araba, a re:
2
“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
3
Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle?
4
Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
5
Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.
6
Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.
7
“Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele;
8
o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.
9
Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?
10
Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.
11
Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa?
12
Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso.
13
“Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso;
14
moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.
15
Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.
16
Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae.
17
Baeletsi o ba tlosa ba se na le nketlana, baahlodi bona a ba fetole ditsheretshere!
18
O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso;
19
baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;
20
baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.
21
O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana;
22
a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi.
23
O hodisa ditjhaba a be a di timetse, a di anafatse, a be a di hasanye;
24
babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,
25
ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse.
← Chapter 11
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 13 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42
Recommended Reading
Commentary
Job Commentaries
→
Devotional
Job Devotional Guide
→
Get This Bible
BIBELE Study Bible
→