bible
ra
🌐 Language
English
Español
Français
Deutsch
Português
Italiano
Nederlands
Русский
中文
日本語
한국어
العربية
Türkçe
Tiếng Việt
ไทย
Indonesia
All Languages
Home
/
Sotho
/
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
/
Job 8
Job 8
Sotho Bible 1989 (BIBELE)
← Chapter 7
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 9 →
1
Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:
2
“O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!
3
Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?
4
Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona.
5
Haeba o ka fela wa batla Modimo, wa ithapella ho Ya Matla wohle;
6
haeba o hlwekile, mme o lokile, ruri le yena o tla o hlokomela, lapa la hao a le tsose e le sesupo sa ho loka ha hao.
7
Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”
8
“Ako fuputse ho meloko ya pele, o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.
9
Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.
10
Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona.
11
“Na lodi le ka mela ho se na mokgwabo, lehlaka la ata ho se na mohlaka?
12
Ha le sa helwe le sa le letalana, le pona pele jwang bo omella.
13
Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo;
14
tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo;
15
o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe.
16
O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle.
17
Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa.
18
Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: Nna ha ke o tsebe!
19
Bophelo ba sona bo fela jwalo, mela tse ding di mela hape mobung oo.
20
“Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;
21
o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo.
22
Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”
← Chapter 7
Jump to:
Chapter 1
Chapter 2
Chapter 3
Chapter 4
Chapter 5
Chapter 6
Chapter 7
Chapter 8
Chapter 9
Chapter 10
Chapter 11
Chapter 12
Chapter 13
Chapter 14
Chapter 15
Chapter 16
Chapter 17
Chapter 18
Chapter 19
Chapter 20
Chapter 21
Chapter 22
Chapter 23
Chapter 24
Chapter 25
Chapter 26
Chapter 27
Chapter 28
Chapter 29
Chapter 30
Chapter 31
Chapter 32
Chapter 33
Chapter 34
Chapter 35
Chapter 36
Chapter 37
Chapter 38
Chapter 39
Chapter 40
Chapter 41
Chapter 42
Chapter 9 →
All chapters:
1
2
3
4
5
6
7
8
9
10
11
12
13
14
15
16
17
18
19
20
21
22
23
24
25
26
27
28
29
30
31
32
33
34
35
36
37
38
39
40
41
42